Mattheu 4:10 - BIBELE Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela. Baasraak Sotho NT Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi. |
Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.
Ka letsatsi le leng mangeloi a Modimo a tla ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona.
Ka letsatsi le leng hape mangeloi a Modimo a tla kapele ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona kapele ho Morena.
Ako bee ya kgopo ho ahlola motho eo, moqosi wa hae a nne a eme ka hlakoreng la hae le letona.
Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.
Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”
Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”
mme a hlola feelleng matsatsi a mashome a mane a le hara dibatana, a ntse a lekwa ke Satane, mme mangeloi a mo sebeletsa.
Haeba le Satane a ne a arohane ho itwantsha, mmuso wa hae o ne o tla tiya jwang? Etswe le re, ke leleka bademona ka Beele-Sebule.
Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?”
Yaba Satane o kena ka ho Judase ya bitswang Isekariota, eo e neng e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.
Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”
Hoba Judase a je sengwathwana, Satane a kena ka ho yena. Yaba Jesu o re ho yena: “Seo o se etsang, se etse kapele.”
O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”
Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo?
motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.
Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.
Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.
Le tshabe Morena Modimo wa lona. Le mo sebeletse, le mo kgomarele, le hlapanye ka lebitso la hae.
“Ka baka leo he, tshabang Morena, le mo sebeletse ka botshepehi le ka nnete, le furalle medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, leha ba le Egepeta, mme lona le sebeletse Morena.
Itwaneleng le tiile tumelong; tsebang hore mahloko a tshwanang le a lona a ntse a hlahela bana babo lona bohle, lefatsheng lohle.
Samuele a re ho bohle ba ntlo ya Iseraele: “Haeba le kgutlela ho Morena ka dipelo tsa lona tsohle, lahlang medimo ya baditjhaba e hara lona, le Asetarote. Le lebise dipelo tsa lona ho Morena, le sebeletse yena feela, mme o tla le namolela matsohong a Bafilesita.”