1 Samuele 7:3 - BIBELE3 Samuele a re ho bohle ba ntlo ya Iseraele: “Haeba le kgutlela ho Morena ka dipelo tsa lona tsohle, lahlang medimo ya baditjhaba e hara lona, le Asetarote. Le lebise dipelo tsa lona ho Morena, le sebeletse yena feela, mme o tla le namolela matsohong a Bafilesita.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta. Ver Capítulo |
Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka.
mme ba kgutlela ho wena ka dipelo tsa bona tsohle, le ka meya ya bona yohle ha ba ntse ba le naheng eo ya dira tsa bona, tse ileng tsa ba etsa bathopuwa; ba o rapela ba tadimile naheng ena ya bona, eo o neng o e nee bo-ntata bona, le motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona,
Le aletare e neng e le Bethele, le sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, se neng se hahwe ke Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, le yona, hammoho le sebaka seo sa borapedi, a di thua, a tjhesa sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, a se etsa thuethue; a tjhesa le ditshwantsho tsa Ashera.