Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 5:5 - BIBELE

5 motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ke ahlotse hore monna eo a neelwe Satane, hore ho senyehe nama ya hae, moya o tle o pholohe ka letsatsi la Morena Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 ho nehelana ka motho ea joalo ho Satane hore ho timetsoe nama, hore moea o tle o pholohe letsatsing la Morena Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ho nehelana ka motho ea joalo ho Satane hore ho timetsoe nama, hore moea o tle o pholohe letsatsing la Morena Jesu.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 5:5
23 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho Satane: “Ho lokile, o matsohong a hao, feela o baballe bophelo ba hae.”


Ako bee ya kgopo ho ahlola motho eo, moqosi wa hae a nne a eme ka hlakoreng la hae le letona.


Mo sasare ka leswai, o tla mo phemisa lefu.


Empa ha moprista a mo hlahloba, mme a fumana hore ha ho mohwete o sweufetseng, kapa letlalo le phobetseng, empa lethopa le a fola, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng.


Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


“Simone, Simone, bona, Satane o le kopile hore a le hlokole jwaloka koro,


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


Yena o tla nne a le tiise ho isa qetellong, le tle le se ke la nyatswa Letsatsing la ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe.


Ha e le ba kantle, ke Modimo ya tla ba ahlola. “Tlosang ya kgopo kahara lona.”


Mohla lona le seng le mamela ka mokgwa o phethehileng, re ikemiseditse ho kgalemela ho se mamele hohle.


Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.


Ka baka leo, ke le ngolla tsena ke eso tle, e le hore ha ke se ke tlile, ke se ke ka le hlekefetsa, ho ya ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng a ho haha, e seng a ho heletsa.


Ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi ona o motle hara lona o tla o ntshetsa pele ho fihlela Letsatsing la ho tla ha Kreste Jesu.


Hara bona ho na le Hemenaiose le Alekesandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba ithute ho se nyefole.


Morena a ke a mo fumantshe lereko ho Morena mohla Letsatsi lela. O tseba ho feta bohle kamoo a nthusitseng kateng ka tse ngata ha ke ne ke le Efese.


ha le ntse le lebeletse letsatsi la Modimo, mme le etsa hore le tle ka potlako; e leng leo ka lona mahodimo a tla fediswa ka mollo, mme dintho di qhibidiswe ke motjheso.


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa bolayeng, a mo rapelle, mme Modimo o tla mo fa bophelo. Ke bua ka ba etsang sebe se sa bolayeng. Sebe se teng se bolayang; hase seo ke reng motho a rapelle ngwanabo ka baka la sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos