Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 5:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ke ahlotse hore monna eo a neelwe Satane, hore ho senyehe nama ya hae, moya o tle o pholohe ka letsatsi la Morena Jesu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 ho nehelana ka motho ea joalo ho Satane hore ho timetsoe nama, hore moea o tle o pholohe letsatsing la Morena Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ho nehelana ka motho ea joalo ho Satane hore ho timetsoe nama, hore moea o tle o pholohe letsatsing la Morena Jesu.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 5:5
23 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o re ho Satane: Bona, o letsohong la hao! feela o qenehele bophelo ba hae.


O neele motho ya jwalo matleng a e mobe, mme moqosi a eme lehlakoreng la hae le letona.


o tla mo shapa ka thupa e le wena, o lopolle moya wa hae nqalong ya bafu.


Etlare ha moprista a tadima, mme a bona ho se mohwete o sweufetseng, ho se le sephobe se phobetseng ho feta letlalo, empa se bonahala eka se sobane, moprista o tla mo kwalla tlung ka matsatsi a supileng.


Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.


Morena a re: Simone! Simone! bona, Satane o le qetse hore a le hlokole jwaloka koro;


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


e leng yena ya tlang ho le tiisa ho isa qetellong, le tle le be ba sa tlong ho nyatsuwa letsatsing la Morena wa rona Jesu Kreste.


Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.


Haele ba kantle, Modimo ke wona o tlang ho ba ahlola. Tlosang e mobe hara lona.


Mme re itokiseditse ho kgalemela ho se utlwe hohle, mohla kutlo ya lona e phethehang.


Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa.


Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.


Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.


Hara bona ho na le Himenea le Aleksandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba rutwe ho lesa ho nyefola.


Morena a mo fumanise mohau pela Morena, ka tsatsi lela. Tsohle tseo a ntshebeleditseng Efese ka tsona, di tsejwa ka ho fetisisa ke wena.


le ntse le lebeletse, mme le akofisa ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla fediswa ke ho tjha ka lona, mme metheo e tla qhibidiha ke ho tjha!


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa iseng lefung, a ke a mo rapelle, mme Modimo o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa iseng lefung. Sebe se teng se isang lefung; hase bakeng sa sona ke reng, ho rapelwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos