Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile, lona le moya wa ka, ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 ka lebitso la Morena Jesu. Mohla le phuthehang, mme le nna ke le teng ka moya, re ena le matla a Morena wa rona Jesu,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile hammoho le moya wa ka ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile hammoho le moya wa ka ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 5:4
18 Referencias Cruzadas  

Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.


Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Bao le tla ba tshwarela dibe, ba tla tshwarelwa tsona; bao le tla ba balla dibe, ba tla ballwa tsona.


A etsa jwalo ka matsatsi a mangata; empa Pauluse ha a kgathetse ke hona, a reteleha, a re ho moya: Ke o laela ka lebitso la Morena Jesu Kreste hore o tswe ho yena. Yaba o tswa ka yona nako eo.


Yaba Petrose o re: Ha ke na silefera le kgauta; empa seo ke nang le sona, ke o fa sona: Ka lebitso la Jesu wa Nasaretha, ema, o tsamaye.


Mme o otlolle letsoho la hao ho fodisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.


Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.


haele moo le batla pontsho e le kgodisang hore Kreste o bua ka nna, athe yena ha a le fokolla, empa o matla hara lona.


Ho lekane ha motho eo a kgalemetswe jwalo ke ba bangata.


Le lebohe kamehla Modimo, Ntata rona, ka baka la ntho tsohle, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.


Re a le laela, banabeso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona, hore le arohane le moena ofe le ofe ya sa tsamayeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rona.


Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos