Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 5:6 - BIBELE

6 Boithoriso ba lona ha bo a loka. Na ha le tsebe hore tomoso e seng kae e lomosa hlama kaofela?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha le na tokelo ya ho ithorisa! Na ha le tsebe hoba tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ho ithorisa ha hao ha ho molemo. Ana ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e lomosa hlama kaofela?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ho ithorisa ha hao ha ho molemo. Ana ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e lomosa hlama kaofela?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 5:6
12 Referencias Cruzadas  

Kaofela ha bona ba etsa bofebe, ba tuka sa sebopi se beseleditswe, mophehi a sa hloke ho se roteletsa, ho tloha ha a qala ho duba hlama, ho fihlela hlama eo e ba e bela.


A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”


O tshwana le tomoso eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo tse tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”


Na ha le tsebe hore ha le ineela motho ho ba makgoba a hae le ho mo mamela, le makgoba a eo le mo mamelang; e bang ke sebe se isang lefung, kapa mamelo e isang ho lokeng?


Le se ke la ithetsa. “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.”


Kahoo ho se be ya ithorisang ka batho. Tsohle ke tsa lona,


Empa le a ikgohomosa, athe le ne le tshwanetse ho itshwabela, mme ya entseng ketso ena ebe o tlositswe hara lona.


Ka tomoso e seng kae ho lomoswa hlama kaofela.


Dipolelo tsa bona di tla keka jwaloka mofetshe. Hara bona ho na le Hemenaiose le Filetose,


jwale le a ikakasa, mme le a ithorisa. Boithoriso bohle bo jwalo bo bobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos