Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:18 - BIBELE

18 Jesu a re ho bona: “Ke bone Satane a ewa lehodimong jwaloka lehadima.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 A re ho bona: Ke ne ke tadima Satane a ewa lehodimong jwaloka lehadima.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 A re ho bona: Ke bone Satane a theoha lehodimong jwaloka lehadima.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 A re ho bona: Ke bone Satane a theoha lehodimong jwaloka lehadima.

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:18
9 Referencias Cruzadas  

“O theohile hakaakang lehodimong, wena Mphatlalatsane, naledi ya meso! O dihetswe lefatsheng, wena ya kileng a kokobetsa ditjhaba!”


Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


Jwale ke kahlolo ya lefatshe lena; jwale mmusi wa lefatshe lena o tla lahlelwa kantle,


ka tsa kahlolo, hobane mmusi wa lefatshe lena o se a ahlotswe.


Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi.


Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi.


La tshwara kganyapa, noha ya kgale, e leng Diabolosi le Satane, la e holeha ka dilemo tse sekete.


Jwale lengeloi la bohlano la letsa terompeta, mme ka bona naledi e nngwe e weleng lehodimong, e wetse lefatsheng. Naledi eo ya newa senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos