Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 22:31 - BIBELE

31 “Simone, Simone, bona, Satane o le kopile hore a le hlokole jwaloka koro,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Morena a re: Simone! Simone! bona, Satane o le qetse hore a le hlokole jwaloka koro;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

31 Morena a re: Simone, Simone, bona, Satane o le batlile hore a le fefere jwaloka koro.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Morena a re: Simone, Simone, bona, Satane o le batlile hore a le fefere jwaloka koro.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:31
13 Referencias Cruzadas  

Na koro e hailwa hore e thumisehe? Tjhe, ha e ke e hailwa kamehla; leha e hatiswa ka mabidi a kariki, dipere ha di ke be di e thumise.


“Nna ke tla fela ke etse taelo, ntlo ya Iseraele ke e hlokole, ke e hlokole hara ditjhaba tsohle, ke e hlokole sa koro e hlokolwa ka sefe, empa ho se thollo le e nngwe e welang fatshe.


Morena a mpontsha Joshua, Moprista e Moholo, a eme kapele ho lengeloi la Morena, le Satane a eme ka letsohong le letona la Joshua, a itokisetsa ho mo qosa.


Hoba ba bine sefela, ba tswa, ba ya Thabeng ya Mehlwaare.


Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


Morena a mo araba, a re: “Maretha, Maretha, o a itshwenya, mme o ikgathatsa ka tse ngata,


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”


motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.


esere Satane a re qhekella, etswe re tseba maqiti a hae.


Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.


Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re: “Jwale tlholo, le matla, le puso, e se e le tsa Modimo wa rona, le borena ke ba Mesia wa hae, hobane ho dihetswe fatshe moqosi wa bana babo rona, ya neng a ba qosa kapele ho Modimo wa rona, motsheare le bosiu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios