Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 4:10
30 Referencias Cruzadas  

Yaba Satane o tsohela Iseraele matla, mme a susumetsa Davida hore a bale Baiseraele.


Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena. Yaba Satane o tloha pela Jehova.


Ka tsatsi le leng, bara ba Modimo ba tla ho itlhahisa pela Jehova, mme Satane a kena hara bona.


Hape, ka tsatsi le leng, ha bara ba Modimo ba boela ba itlhahisa pela Jehova, Satane le yena a itlhahisa le bona pela Jehova.


O neele motho ya jwalo matleng a e mobe, mme moqosi a eme lehlakoreng la hae le letona.


Sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, mme o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi a hao, mme lefu ke tla le kgelosa ho wena.


Mme ditshwantsho tsa lona tse betlilweng tse apesitsweng ka silefera, le ditshwantsho tsa lona tse tsholotsweng tse manehilweng ka kgauta, le tla di tshela ditshila, le di lahle jwaloka manyala, ka ho re: Tswang!


Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.


A nna a ba feelleng ka matsatsi a mashome a mane, a lekwa ke Satane; o ne a le hara dibatana, mme mangeloi a ne a mo sebeletsa.


A re ho bona: Ke ne ke tadima Satane a ewa lehodimong jwaloka lehadima.


Ka baka leo, Satane le yena, ha a ka arohana ho itwantsha, mmuso wa hae o tla tiya jwang, haele moo lona le bolela hore ke leleka batemona ka Beelsebule?


Mme mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, ya bofilweng ke Satane dilemo di se di le leshome le metso e robileng meno e le mmedi, o ne a sa tshwanele keng ho lokollwa tlamong eo ka letsatsi la Sabatha na?


Yaba Satane o kena ho Judase, ya bitswang Iskariota, eo e neng e le wa palo ya ba leshome le metso e mmedi.


Morena a re: Simone! Simone! bona, Satane o le qetse hore a le hlokole jwaloka koro;


Jesu a mo araba a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe. O tla kgumamela Morena, Modimo wa hao, o sebeletse yena feela.


Eitse hobane a nke sengwathwana, Satane a kena ho yena. Jwale, Jesu a re ho yena: Seo o se etsang, hlo o se etse kapele.


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na?


ke ahlotse hore monna eo a neelwe Satane, hore ho senyehe nama ya hae, moya o tle o pholohe ka letsatsi la Morena Jesu.


Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nako e itseng, le tle le ineele ho itima dijo le ho rapela; hamorao, le ke le boelane hammoho, Satane a tle a se ke a le leka ka takatso ya lona.


Mme hase ho ka makatsang, etswe Satane le yena a ikgakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la lesedi.


Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa.


re tle re se ke ra tlatlapuwa letho ke Satane, hobane re hlile re tseba merero ya hae.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o mo kgomarele, mme o ane ka lebitso la hae.


Ka baka leo, ipeeng katlase ho Modimo, le hanele Diabolose, mme o tla le balehela.


Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.


Hanang ho yena ka ho tiya tumelong, le ntse le tseba hobane dihloreho di le ding le tsena di ntse di hlahela banababo lona ba lefatsheng.


Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos