Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.”
Mattheu 25:45 - BIBELE “O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’ Sesotho 1909/1961 (SO) Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa jwalo ho e mong wa ba banyenyane bana, ha le a ka la nketsa jwalo le nna. Baasraak Sotho NT Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a ka la nketsa jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a ka la nketsa jwalo. |
Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.”
Ya hatellang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae, empa ya mo hauhelang yena o tlotla Modimo.
Ya somang mafutsana o soma Mmopi wa hae, ya thabelang tsietsi tsa e mong yena o tla otlwa.
Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka.
A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!”
Ya amohelang moporofeta kahobane e le moporofeta, o tla fumana moputso wa moporofeta, mme ya amohelang ya lokileng kahobane e le ya lokileng, o tla fumana moputso wa ya lokileng.
“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’
“Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: ‘Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, o nyorilwe, o le moeti, o hlobotse, o kula, kapa o le tjhankaneng, yaba ha re o etsetse letho?’
“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”
Ka ho sitelwa bana babo lona jwalo, le bolaya matswalo a ba fokolang, le sitelwa Kreste.