Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:41 - BIBELE

41 Ya amohelang moporofeta kahobane e le moporofeta, o tla fumana moputso wa moporofeta, mme ya amohelang ya lokileng kahobane e le ya lokileng, o tla fumana moputso wa ya lokileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ya amohelang moporofeta, kahoba a ena le lebitso la moporofeta, o tla newa moputso wa moporofeta; le ya amohelang ya lokileng, kahoba a ena le lebitso la ya lokileng, o tla newa moputso wa ya lokileng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 Ya amohelang moporofeta, kahobane e le moporofeta, o tla fumana moputso wa moporofeta; mme ya amohelang ya lokileng, kahobane e le ya lokileng, o tla fumana moputso wa ya lokileng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Ya amohelang moporofeta, kahobane e le moporofeta, o tla fumana moputso wa moporofeta; mme ya amohelang ya lokileng, kahobane e le ya lokileng, o tla fumana moputso wa ya lokileng.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:41
27 Referencias Cruzadas  

Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.”


Tsebisa ba lokileng hore tsohle di tla loka, ba tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya bona.


Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.


“Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: ‘Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, o nyorilwe, o le moeti, o hlobotse, o kula, kapa o le tjhankaneng, yaba ha re o etsetse letho?’


“O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’


“Hlokomelang hore le se ke la etsa mesebetsi ya lona ya bodumedi pontsheng ho batho, hore ba le babatse; haeba le etsa jwalo ha le na ho ba le moputso o tswang ho Ntata lona ya mahodimong.


hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, haese ho Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.”


thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.”


Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.


hobane mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, mme ya kokotang o a bulelwa.


Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.


Gaiose, eo ke leng moeti wa hae, eo le kereke yohle e phuthehelang ha hae, o a le dumedisa. Erasetose, ramatlotlo wa motse, le ngwanabo rona Kuaretose, ba a le dumedisa.


Hoja ke etsa mosebetsi ona ka boithaopo, ke ne ke tla lebella moputso, empa kaha e se ka boithaopo, ke phetha feela mosebetsi oo ke o abetsweng.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Itlhokomeleng, esere la lahlehelwa ke tseo le di sebeleditseng, le tle le mpe le amohele moputso o tletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos