Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 25:40 - BIBELE

40 “Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

40 Morena o tla araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Erekaha le etseditse e mong wa bana beso ba banyenyane bana, le entse ho nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Morena o tla araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Erekaha le etseditse e mong wa bana beso ba banyenyane bana, le entse ho nna.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 25:40
42 Referencias Cruzadas  

Davida a botsa, a re: “Na ho sa na le e mong ya setseng wa ntlo ya Saule, eo nka mo etsetsang molemo ka baka la Jonathane?”


Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.”


A re ke re hahe kamorenyana kahodima marulelo, re mmeele bethe, le tafole, le setulo, le lebone, e le hore kamehla ha a re fapohetse, a no phomola ka ho yona.”


Ya hatellang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae, empa ya mo hauhelang yena o tlotla Modimo.


Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


Empa ka lona letsatsi leo, ke tla o pholosa, ho rialo Morena. Ha ho ka ke ha neelanwa ka wena matsohong a bao o ba tshabang.


“Ya le amohelang o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng.


Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,


Ke neng re ileng ra o bona o kula kapa o le tjhankaneng, ra o tjhakela?’


“O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’


Yaba Jesu o re ho bona: “Se tshabeng, eyang le tsebise bana beso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.”


Kannete ke a le bolella, mang le mang ya le fang mohope wa metsi kahobane le le ba Kreste, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”


ba re: “Ho bokwe Kgosi e tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong le tlotla mahodimong a hodimodimo!”


Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”


Bao a ba tsebileng e sa le pele, o ba kgethile e sa le pele hore ba tshwane le Mora wa hae, e le hore Mora e be letsibolo hara bana ba bangata ba Modimo.


Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu.


Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato;


Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi,


hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.


e leng mmele wa hae oo re leng ditho tsa wona.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone.


Di tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla di hlola, hobane yona ke Morena wa marena, le Kgosi ya dikgosi. Ba bitsitsweng, ba kgethilweng, ba tshepahalang, le bona ba tla hlola hammoho le yona.”


Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos