Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:9 - BIBELE

9 A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang!

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:9
21 Referencias Cruzadas  

Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.”


Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”


Juda ke tawana! O nyolohetse thabeng, mora wa ka, o tswa hapa; o a borama, o qatjhama jwaloka tau, mme, jwaloka tauhadi, o ka tsoswa ke mang?


Ka lehlakoreng le leng le le leng la mohato o mong le o mong wa mehato ena e tsheletseng ho ne ho eme tau, kaofela e le ditau tse leshome le metso e mmedi. Ho ne ho eso be mmuso le o mong o kileng wa eba le terone e tjena.


Terone ena e ne e ena le mehato e tsheletseng, e bile e ena le sedulwana sa maoto se entsweng ka kgauta; tsena di ne di bopeletswe teroneng. Ka lehlakoreng le leng le le leng la sedulwana ho ne ho ena le letsoho la ho itshetleha, mme pela matsoho ao ho ena le ditshwantsho tsa ditau tse pedi.


Hamane a bolella Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae yohle, tsohle tse mo hlahetseng. Yaba metswalle eo ya hae e bohlale, le Sereshe, mosadi wa hae, ba re ho yena: “Haeba Moredekai, eo o seng o qadile ho theoha boemong ba hao kapele ho yena, e le wa leloko la Bajuda, o ke ke wa hlola o mo hlola, empa o tla fela o timele!”


Ha ho na ya sebete se lekaneng ho e qholotsa; ebe jwale ke ofe ya ka thulanang le nna, Modimo?


Rapellang Jerusalema e be le kgotso: “Ba o ratang ba ke ba atlehe.


Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.


Empa ha o fela o mamedisa lentswe la lona, mme o etsa sohle seo ke se bolelang, ke tla ba sera sa dira tsa hao, le molwanedi ho ba o lwantshang.


Morena o bua tjena ho nna: “Ha tau le tawana di puruma hodima sefifi, leha sekgakgatha sa badisana se ka di futuhela, di ke ke tsa tshoswa ke mehoo ya bona, di ke ke tsa nyaroswa ke lerata la bona. Le Morena wa mabotho o tla theoha jwalo, ho tla lwanela Thabeng ya Sione le leralleng la yona.


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba, a be teng hara merabe e mengata, a be jwaloka tau hara dibatana tsa meru, a be jwaloka tawana hara mehlape ya dinku, tawana e fetang e harola, e tsekolla, empa ho se ya ka pholoswang, ya ka pholoswang tleneng tsa yona.


Modimo a re ho Bileame: “O se ke wa ya le banna bao. O se ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonofaditswe.”


Tloo hle, o nthohakele setjhaba sena, hobane se matla ho mpheta. Mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka naheng ena, hobane ke a tseba hore motho eo o mo hlohonolofatsang, o hlohonolofaditswe, mme eo o mo rohakang, o rohakehile.”


Bona, setjhaba se tla tlola jwaloka tauhadi, le yena o tla tlola jwaloka tauhadi. E ke ke ya qatjhama e eso je phoofolo, e enwa le madi a se bolailweng.”


Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo!


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


“O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’


A botsa, a re: “O mang, Morena?” Lentswe la re: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang,


Morena Modimo wa lona, o tla otla dira tsa lona, le ba le hloileng, le ba le hlorisang, ka dithohako tsena tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos