Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:10 - BIBELE

10 Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba bohale ba Balake bo tukela Balaame; a opa matsoho, a re ho Balaame: Ke o bitsitse hore o tle o rohake dira tsa ka, mme bona, o di hlohonolofaditse makgetlo ana a mararo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:10
15 Referencias Cruzadas  

hobane ha ba a ka ba phallela Baiseraele ka dijo le ka metsi, empa ba ile ba hira Bileame hore a ba rohake. Leha ho le jwalo, Modimo wa rona a fetola thohako eo hore e be lehlohonolo.


Ba mo opela diatla, ba be ba mo je tlepane, ba mo letsetse molodi ha a tloha lapeng ha hae.”


“Porofeta, ngwana motho, o be o ope diatla, sabole e hlathe habedi, e hlathe hararo, sabole ya ho ba bolaya e ba etsa mofela, e ba etseditse sakana-la-nkope.


Le nna diatla tsa ka ke tla di opa, ebe kgalefo ya ka ya kokobela. Ke nna Morena ya buileng.”


“ ‘Ruri ke tla o otlela phaello eo o e entseng, ke o otlele le madi ao o a tsholotseng.


‘Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta se pupeditse naha; jwale tloo, mme o nthohakele sona, mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka.’ ”


Ke tla o tlotla haholo, mme ke tla etsa eng kapa eng eo o tla ntaela yona. Ka baka leo, tloo, ke a o rapela. Nthohakele setjhaba sena!’ ”


Tloo hle, o nthohakele setjhaba sena, hobane se matla ho mpheta. Mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka naheng ena, hobane ke a tseba hore motho eo o mo hlohonolofatsang, o hlohonolofaditswe, mme eo o mo rohakang, o rohakehile.”


Balake a re ho Bileame: “O nkentse jwang? Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa jwale o bile o di hlohonolofaditse!”


Jwale he, balehela haeno. Ke ne ke hopotse hore ke tla o hlompha haholo, empa ke mona Morena o o timme hlompho eo.”


A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!”


Hona ha etsahala ka makgetlo a mararo, yaba tsohle di nkelwa hape lehodimong.


O se ke wa sebeletsa kgotso ya bona kapa boiketlo ba bona ka matsatsi wohle a bophelo ba hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos