Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba bohale ba Balake bo tukela Balaame; a opa matsoho, a re ho Balaame: Ke o bitsitse hore o tle o rohake dira tsa ka, mme bona, o di hlohonolofaditse makgetlo ana a mararo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo!

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:10
15 Referencias Cruzadas  

kahobane ba ne ba sa ka ba ya kgahlanyetsa bana ba Iseraele ka bohobe le metsi, ba mpa ba lefa Balaame hore a ba rohake. Feela, Modimo wa rona ke wona o kileng wa fetola thohako hlohonolofatso.


batho ba opa diatla ka yena, ba mo letsetsa molodi ha a tloha tulong tsa hae.


Mme wena, mora motho, o porofete, o ope ka diatla tsa hao, lerumo le ke le kgehlepele habedi, hararo: ke lerumo le bolayang, lerumo le bolayang ba baholo, le ba teelang hare ka nqa tsohle.


Le nna, ke tla opa ka diatla tsa ka, ke be ke kgodise kgalefo ya ka. Ke le Jehova, ke boletse.


Bona, ke opa ka diatla tsa ka ka baka la leruo leo o le ruang, le ka baka la madi ao o a tshollang, a leng teng ha eno.


Bona, setjhaba se tswile Egepeta, mme se apesitse lefatshe; tloo jwale, o se rohake; ekaba mohlomong ke tla se hlola, ke se lelekise.


hobane ke tla o hlompha haholo, mme ke tla etsa tsohle tseo o tla mpolella tsona; ke a o rapela, tloo o nthohakele setjhaba seo.


Tloo ho nna hle, o nthohakele tjhaba seo, hobane se mpheta ka matla; ke moo mohlomong nka se hlolang, ka ba ka se lelekisa naheng ena; hobane ke a tseba hoba eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse, mme eo o mo rohakang o rohakilwe.


Balake a re ho Balaame: Na o nkentseng? Ke o bitsitse ho rohaka sera sa ka, mme jwale o hlile o se hlohonolofaditse!


Tloha jwale, o ye ha eno! Ke ne ke itse, ke tla o hlompha ka dimpho tse kgolo, empa Jehova o o sitisitse ho di nka.


O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang!


Hona ha etswa hararo; tseo kaofela tsa ntoo boela di nkelwa lehodimong.


O se ke wa ba batlela kgotso, leha e le molemo, ka matsatsi wohle a hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos