Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 2:8 - BIBELE

8 Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ka ho re ho bonahatswe kganya ya hae a nthomileng ho ditjhaba tse le hapileng; hobane ya le amang o ama thaka ya leihlo la hae;

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 2:8
50 Referencias Cruzadas  

Modimo a re ho yena torong eo: “E, ke a tseba hore hona o ho entse ka tswalo le kgutsitseng, mme ke nna ya ileng a o thibela hore o se ke wa ntshitelwa. Ka baka leo, ha ke a ka ka o dumella hore o mo ame.


Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.


O mpaballe jwaloka thaka ya leihlo la hao; o mpate moriting wa mapheo a hao,


Boloka taelo tsa ka o tle o phele, thuro tsa ka le tsona di hlokomele; di hlokomele seka thaka ya ihlo la hao.


“O fetohile lesupi, o hloka baahi, le naha ya hao e senyehile, e ke ke ya hlola e lekana, e lekana tjhaba sa hao, le hoja ba neng ba o ripitle ba tla be ba le hole.


Ho bohle ba kgopo, bao re ahisaneng le bona, ba hapang naha eo ke e neileng setjhaba sa ka sa Iseraele, Morena o bua tjena: “Ke tla ba tlosa dinaheng tsa bona, ba ntlo ya Juda ke ba ntshe kahara bona.


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, di sebeletse le mora wa hae le setloholo sa hae, ho fihlela nako e baletsweng naha ya hae e fihla, ebe jwale ditjhaba tse ngata, le dikgosi tse matla, di mo sebedisa kamoo di ratang kateng.


Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha Edomo e ipheteditse ho ba ntlo ya Juda, mme ya eba molato o moholo ka ho etsa jwalo,


Morena Modimo o bua tjena: “Kaha Bafilesita ba ipheteditse ka dipelo tse lonya, mme ka baka la bora ba bona ba kgale ba ne ba rata ho timetsa Juda,


“Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: ‘Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi!’


ke tla o theolela tlase, hammoho le ba theohelang tlase mohohlong, ho setjhaba sa boholoholo. Ke tla o dudisa lefatsheng le katlase, masuping a boholoholo, mmoho le ba theohelang tlase mohohlong. Ha o ka ke wa hlola o kgutla teng kapa o eba le kabelo lefatsheng la ba phelang.


“ ‘Haesale o hloile bana ba Iseraele ho tloha kgale, wa tsholla madi a bona ka sabole ha ba le tsietsing, mohla o neng o ba ahlola la ho qetela.


Ke tla ngatafatsa batho le diphoofolo tsa bona, mme ba tla tswala bana, ba ate. Le tla boela le haha ditsheng tsa lona tsa kgale, mme le atlehe ho feta pele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.


O tla re: “Ke tla futuhela metsana e sa hahaletswang, ke hlasele setjhaba se iketlileng, se iphelelang ka kgotso, se iphelelang metseng e sa haheletswang, e se nang dikgoro le mekwallo.


“Ka baka leo, wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohla setjhaba sa ka sa Iseraele se phelang ka kgotso, na ha o na ho elellwa hoo?


Morena o bua tjena: “Baahi ba Edomo ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba manakisitse bana babo bona, ba ba manakisa ka sabole, ba ba manakisa ba se na mohau, ba pheella kgalefong ya bona, bohale ba bona ba tuka malakabe, ba tuka sa malakabe a sa time.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Amone ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba tabotse baimana ba Gileade, ba ba tabola dimpa, ba tle ba atolose meedi ya bona.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Tire ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba thopetse setjhaba kaofela Edomo, ba sa llelane letsetse sa bana ba motho.


Jwale tjhaba tse ngata di o dikile, di re: “A Sione e ke e silafale, re be re e bone ha e silafala!”


Ba tla busa naha ya Asiria ka sabole, le naha ya Nimerode ka sabole e motsutswe; mmusi ya tswang Betlelehema o tla re namolela, a re namolele matleng a Asiria ha e futuhela naha ya rona, e hwanka kahara meedi ya rona.


Ke moo dira tsa ka di tla bona, di bone, di aparelwe ke dihlong, tsona dira tse neng di bua ho nna, di re: “O kae Morena Modimo wa hao?” Ke tla bona ha di hatakelwa ka maoto, di hatakelwa sa qhafutso diterateng.


Tshenyo e entsweng Lebanone e tla o timetsa, polao ya dibatana tsa yona e tla o tshosa, hoba madi a batho a tsholotswe ke wena, wa senya naha, le motse wa o ripitla, baahi bohle ba wona wa ba timetsa.


Kaha o tlatlapile ditjhaba tse ngata, masalla a tsona le wona a tla o tlatlapa, hobane o tsholotse madi a batho, o sentse dinaha, le metse wa e ripitla, le baahi bohle ba yona wa ba timetsa.


“Mahlapa a Bamoabe ke a utlwile, nyefolo tsa Baamone le tsona ka di utlwa, ka utlwa ha ba hlapaola tjhaba sa ka, ba ithorisetsa ho kena meeding ya sona.


“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


Ke tla otlollela letsoho la ka hodima bona, mme ba tla lobelwa ke ba kileng ba ba sebeletsa. Ke hona le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme.


Bashanyana le banana ba tla tlalatlala diterateng tsa motse, ba bapalle hona teng.”


“Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


“O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’


empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Jwalokaha o nthomile lefatsheng le nna ke ba romile lefatsheng,


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”


“A na a mo fumana a lelera lehwatateng, feelleng le bodutu la dipukupuku; a mo sireletsa, a mo baballa, a mo hlokomela seka thaka ya leihlo.


Ke ntho e nepahetseng hore Modimo a le pheteletse ka ho hlokofatsa ba le hlokofatsang.


Rona re bone, mme re paka hore Ntate o romile Mora hore e be Mopholosi wa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos