Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 8:12 - BIBELE

12 Ka ho sitelwa bana babo lona jwalo, le bolaya matswalo a ba fokolang, le sitelwa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mme ha le sitelwa bana babo lona jwalo, mme le hlaba matswalo a bona a fokolang, le sitelwa le Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Empa ha le sitelwa banababo lona, mme le hlaba matswalo a bona a fokolang, le sitelwa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Empa ha le sitelwa banababo lona, mme le hlaba matswalo a bona a fokolang, le sitelwa Kreste.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 8:12
18 Referencias Cruzadas  

Jwale Abimeleke a bitsa Aborahama, a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? Ke o sitetswe ka eng, hore ebe o tliseditse nna, le mmuso wa ka, sebe se seholo hakaale? O nketseditse dintho tse sa tshwanelang ho etswa.”


Yaba Rubene o a ba araba, o re: “Na ke ne se ke ke le bolella hore le se ke la sitelwa mohlankanyana, empa la se ke la mamela? Bonang jwale, madi a hae a batlwa ho rona.”


Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”


Jwale Moshe a re ho Arone: “Setjhaba see se o senyeditse eng, ha o se tliseditse sebe se sekaalekaale?”


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?”


“Mang kapa mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


“O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’


“Mang le mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, mme a lahlelwa lewatleng.


Ho ka ba molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, a dihelwa lewatleng, ho ena le hore a dihele e mong wa ba banyenyane bana sebeng.


O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa.


Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.


Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya.


Hape ako bone, ntate: Bona qola ya seaparo sa hao ke ena ka letsohong la ka. Ke ile ka seha qola ya seaparo sa hao, empa ha ke a ka ka o bolaya. Bona he, o be o tsebe hore ha ke a o rerela bobe, kapa ho o fetohela. Ha ke a o sitelwa, empa wena o ntse o laletse hore o mpolaye.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos