Mattheu 2:2 - BIBELE ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.” Sesotho 1909/1961 (SO) ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? Hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela. Baasraak Sotho NT ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela. |
Baditjhaba ba tla hohelwa ke sedi la hao, kgosi di hohelwe ke redi le phatsimang la hao.
“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla tsosa lehlomela le lokileng la Davida, kgosi e tla busa, e sebetse ka bohlale, e sebetse ka toka le ka ho loka lefatsheng.
Se tla sebeletsa Morena, Modimo wa sona, se sebeletse Davida, kgosi ya sona, yena eo ke tla mmea ho ba kgosi ya sona.
Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.
“Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete.
“Bolellang moradi wa Sione: Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.”
Jwale Jesu a emiswa pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?” Jesu a re: “Wena o rialo.”
ba re: “Ho bokwe Kgosi e tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong le tlotla mahodimong a hodimodimo!”
la nka makala a dipalema, la tswa ho ya mo kgahlanyetsa, mme la howa, la re: “Hosanna! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena, Kgosi ya Iseraele!”
Yaba Pilato o re ho yena: “Ha ho le jwalo, na o fela o le kgosi?” Jesu a araba, a re: “Ke wena o reng ke kgosi. Seo ke se tswaletsweng, le seo ke se tletseng lefatsheng, ke hore ke pake nnete. Mang le mang eo e leng wa nnete o utlwa lentswe la ka.”
Pilato a ngola le lengolo, a le maneha hodima sefapano. Ho ne ho ngotswe, ho thwe: JESU WA NASARETHA, KGOSI YA BAJUDA.
hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.
Hape mohla a romelang Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng, a na a re: “Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.”
“Nna Jesu, ke le rometse lengeloi la ka ho tla paka tsena dikerekeng. Nna ke lehlomela le setloholo sa Davida; ke naledi ya meso e kganyang.”