Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:11 - BIBELE

11 Jwale Jesu a emiswa pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?” Jesu a re: “Wena o rialo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Haele Jesu, a ema pela mmusisi, mme mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O boletse teng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Jesu a ema pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O rialo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Jesu a ema pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O rialo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:11
11 Referencias Cruzadas  

Le tla hulelwa kapele ho babusi le mahosi ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho bahedene.


Ho lekane ho morutuwa hore a be jwaloka moruti wa hae, le lekgoba jwaloka monga lona. Ha monga ntlo a bitswa Beele-Sebule, ba ntlo ya hae bona ba tla bitsollwa hampe hakaakang!”


ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.”


Judase, e leng yena ya mo ekang, a bua, a re: “Na ke nna, Moruti?” A re ho yena: “O boletse teng!”


Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.”


Jesu a re: “Ke yena; “mme le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla ka maru a lehodimo.”


Jwale bohle ba re: “Ha ho le jwalo, na o Mora wa Modimo?” Yena a re ho bona: “Le a bolela, ke yena.”


Mahlong a Modimo, yena ya phedisang tsohle, le mahlong a Kreste Jesu, ya ileng a etsa bopaki ba nnete kapele ho Pontiuse Pilato, ke o laela hore


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos