Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 30:9 - BIBELE

9 Se tla sebeletsa Morena, Modimo wa sona, se sebeletse Davida, kgosi ya sona, yena eo ke tla mmea ho ba kgosi ya sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba mpa ba tla sebeletsa Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona, eo ke tla mmea ho bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 30:9
14 Referencias Cruzadas  

Na motho o teng ya ka phelang, mme a se ke a shwa, ya ka itopollang matleng a Nqalo ya Bafu?


“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla tsosa lehlomela le lokileng la Davida, kgosi e tla busa, e sebetse ka bohlale, e sebetse ka toka le ka ho loka lefatsheng.


Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.


Kgosi ya bona e tla hlaha hara bona, kgosana ya bona e be e mong wa bona; ke tla e atametsa, e be haufi le nna. Ya tla ba le sebete sa ho nkatamela ke mang?” ho rialo Morena.


“Matsatsing ao le nakong eo, ke tla etsa hore Lekala la ho loka le hlome mothapong wa Davida, mme Lekala leo le tla ahlola ka toka le ka nepo lefatsheng.


Kamora moo bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Morena Modimo wa bona, le Davida, kgosi ya bona. Qetellong ba tla kgutlela ho Morena ba ntse ba tlakasela, mme ba amohele mahlohonolo a hae.


ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.”


O re hlahiseditse Mopholosi ya matla tlung ya Davida, mohlanka wa hae,


“Ke ka ditloholo tsa monna enwa Modimo a ileng a tlisetsa Iseraele Mopholosi, e leng Jesu, ho ya ka tshepiso ya hae.


“le hore Modimo o mo tsositse bafung, hore a se ke a hlola a boela ho boleng, ke seo a se boletseng ha a re: “ ‘Ke tla le nea mahlohonolo a halalelang a sebele, a tiisitsweng a Davida.’


Empa kaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hore Modimo o mo hlapanyeditse, hore ka peo ya letheka la hae, o tla hlahisa ya tla dula setulo sa hae sa borena,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos