Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 30:10 - BIBELE

10 “Ka baka leo, se tshabe letho, wena mohlanka wa ka Jakobo,” ho rialo Morena. “Se tsielehe, wena Iseraele, ke tla o pholosa o le bakeng se hole, ke lopolle tloholo tsa hao naheng ya bothopuwa; tjhaba sa ka se tla kgutla, se phele ka kgotso, se phele ka boiketlo, ho se ya se tshosang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 30:10
40 Referencias Cruzadas  

Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”


Mohla Morena a le phomoditseng ditsietsing, le moferefereng le bokgobeng bo sehloho,


Tseleng tau e ke ke ya eba teng, batana se bohale se ke ke sa e tsamaya, ha ho le se seng se tla bonwa ho yona, balopollwa ke bona feela ba tla e tsamaya.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; ditloholo tsa hao ke tla di lata botjhabela, ke o bokelle o etswa bophirimela.


“Jwale mamela, wena Jakobo, mohlanka wa ka, wena Iseraele eo ke mo kgethileng.


Morena, yena ya o bopileng, ya o entseng o sa le popelong, ya tla o thusa, o bua tjena: Se tshabe, wena Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Jeshurune eo ke mo kgethileng.


Ke bitsa lenong le etswa botjhabela, e leng motho ya tswang naheng e hole, ke mmitsetsa ho tla phetha thato ya ka. Seo ke se boletseng ke tla se phetha, seo ke se rerileng ke tla se etsa.


Ho loka ha ka ke ho tlisa haufi, ebile ha ho sa le hole haholo, ho pholosa ha ka ho ke ke ha dieha. Sione ke tla e pholosa, Iseraele ke e tlotlise.


Bonang! Ba tla tla ba etswa hole, ba bang leboya, ba bang bophirimela, ba bang ba etswa naheng ya Sinime.”


Empa Morena o bua tjena: “E, bahale ba tla amohuwa bathopuwa ba bona, le ba sehloho ba amohuwe kgapo ya bona, Ba lwantshanang le wena ke tla ba lwantsha, bana ba hao ke ba lopolle.


“O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola.


“Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale.


Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.


Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.


Empa ba tla re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a ntsha ditloholo tsa ntlo ya Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a di leleketse ho tsona, mme di tla aha naheng ya tsona.”


Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.


Le tla mphumana,’ ho rialo Morena, ‘mme ke tla le kgutlisa bothopuweng. Ke tla le phutha ditjhabeng tsohle le dinaheng tsohle tseo ke le leleketseng ho tsona,’ ho rialo Morena, ‘ke le kgutlisetse sebakeng seo ke neng ke le nke ho sona, ka le isa bothopuweng.’


Ka nako eo, ba ntlo ya Juda ba tla kopana le ba ntlo ya Iseraele, ba falle mmoho naheng e ka leboya, ba fallele naheng eo ke e neileng bo-ntata lona moholo hore e be lefa la lona.”


Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena.


Jo, tsatsi leo le leholo haholo! Ha ho na le ka tshwanang le lona: Ke tsatsi la tlokotsi ya tjhaba sa ka, empa tjhaba seo se tla phonyoha ho yona.


Matsatsing ao setjhaba sa Juda se tla pholoswa, Jerusalema le yona e phele ka kgotso. Lena ke lona lebitso leo Jerusalema e tlang ho bitswa ka lona: Morena ke toka ya rona.


Jara sekgobo sa dibe tsa hao, hobane o entse hore e ka bana beno ba lokile ho o feta. Dibe tsa hao di nyonyeha ho feta tsa bona, hoo ekang ba lokile ho o feta. Ka baka leo, swaba, o hlajwe ke dihlong, hobane o entse hore e ke ba lokile ho o feta.’ ”


O tla re: “Ke tla futuhela metsana e sa hahaletswang, ke hlasele setjhaba se iketlileng, se iphelelang ka kgotso, se iphelelang metseng e sa haheletswang, e se nang dikgoro le mekwallo.


“Ka yona nako eo, Mikaele, kgosana e kgolo, mosireletsi wa setjhaba sa heno, o tla fihla. Mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse esong ho ka di bonwa, haesale ditjhaba di eba teng ho fihlela kajeno. Ha nako eo e fihla, bohle ba setjhaba sa heno ba ngotsweng Bukeng, ba tla lopollwa.


Mohla tsatsi leo ke tla ba etsetsa selekane, ke ba etsetse sona le batana tsa naha, ke ba etsetse sona le nonyana tse fofang, le tsona dihahabi tse holobang mobung. Ke tla fedisa seqha le sabole ya ntwa, ke di fedise hona naheng eo, bohle ba tle ba phele, ba iphelele ka kgotso.


Ke tla o nyala ka botshepehi, mme o tla tseba hore ke nna Morena.


Le wena Juda, kahlolo e o emetse, mohla ke kgutlisang setjhaba sa ka.”


Wena lefatshe, se ke wa tshaba letho; thaba, mme o nyakalle, hobane Morena o entse tse kgolo.


Jwale wena o llelang hakaale? Na ebe wena ha o na kgosi? Na moeletsi wa hao o timetse, ha e le moo o utlwa bohloko, bohloko bo kang, ba mahlaba a pelehi?


“ ‘Mohla tsatsi leo,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘motho ka mong o tla mema wa habo, ba dule tlasa sefate sa morara le tlasa sefate sa feiye.’ ”


“Se tshabe, moradi wa Sione: bona, Kgosi ya hao e a tla, e palame petsana ya tonki.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos