Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 30:11 - BIBELE

11 Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jakobo, ke na le wena ho o pholosa, ho bolela Jehova, hobane ke tla fedisa hohle ditjhaba kaofela tseo nkileng ka o qhalanyetsa ho tsona, empa wena, nke ke ka o fedisa; ke tla o laya ka ho loka; nke ke ka o tlohela feela, o sa kgalemelwe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 30:11
29 Referencias Cruzadas  

“Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: ‘Morena o re: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona.’ ”


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele, le ka seletsa se kgwele tse robedi.


ya hauhelang ba diketekete ka ho ba tshwarela bokgopo ba bona, le ditlolo tsa bona, le dibe tsa bona, empa ya ke keng a tlohela ho otla ba molato; ya otlang bana, le ditloholo, ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.”


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Le ka rala merero ya lona, empa e tla nyopa; le ka bua haholo, ho ke ke ha phethahala letho, hobane Modimo o na le rona.


ba tla o tsohela matla, ba o lwantshe, empa ho o hlola ba ke ke be ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela,” ho rialo Morena.


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena, mme ke tla o pholosa,” ha rialo Morena.


Oho, Morena, ako nkgalemele ka toka, o se ke wa nkgalemela o halefile, esere wa mphetola lefeelafeelane.


Ke tla o etsa lerako le haheleditsweng la lethose, tjhaba sena o tlo tsebe ho se hlola. Se tla o lwantsha, empa se ke ke be sa o hlola, hoba ke na le wena ho o pholosa le ho o lopolla,” ho rialo Morena.


Morena o bua tjena: “Lefatshe lohle le tla senyeha, empa ha ke na ho le timeletsa ruri.


“Kenang hara merara ya sona le e robake, feela le se ke la e roba kaofela ha yona; makala a yona le a kgaole, hobane makala ao hase makala a Morena.


“Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang.


Ka baka la lerato la Morena, rato le sa feleng, ha re a ka ra ba ra timela, mehauhelo ya hae ha e eso ka e kgaotsa;


Yare ha ke ntse ke porofeta Pelatiya, mora wa Benaya, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howeletsa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa le masalla wohle a Iseraele?”


“ ‘Empa ke tla siya masalla, hobane ba bang ba lona ba tla phonyoha sabole, ha le qhalanyetswa hara dinaha le ditjhaba.


Nke ke ka phetha tsa kgalefo ya ka, nke ke ka timetsa Efraime hape, hoba nna ke Modimo, ha ke motho; ke Ya Halalelang ya dulang hara lona, ha nka ke ka tla ke halefile.


Empa leha ho le jwalo, ha ba le naheng ya dira tsa bona ha ke na ho ba lahla; ha ke na ho ba hloya hoo nka ba timetsang ho hang, ka ba ka senya selekane sa ka le bona, hobane ke nna Morena Modimo wa bona.


“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Ke na le wena, mme ha ho ya tla o lwantsha, le ho o etsa hampe, hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.”


Morena Modimo wa lona, ke Modimo ya mohau, a ke ke a le lahla, kapa a le timetsa, kapa a lebala selekane seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona.”


Morena a ke a be le moya wa hao. Mohau o ke o be le lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos