Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:17 - BIBELE

17 “Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:17
33 Referencias Cruzadas  

Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.


A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.


A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


Empa hoba Akabe a shwe, kgosi ya Moabe ya fetohela kgosi ya Iseraele.


Ahlola Bamoabe, mme Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


Morena o tla namisa mmuso wa hao, a o namise ho tloha Sione; a re: “Busa hara dira tsa hao.”


Metsu ya hao e leotsehile, ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao, dira tsa kgosi di tla nyahama pelo.


Bona ke boporofeta malebana le Moabe: Ka bosiu bo le bong Are e Moabe e timeditswe! Ka bosiu bo le bong Kire e Moabe e timeditswe!


O tla hodisa mmuso wa hae, o be le kgotso e sa feleng; o tla busa a le teroneng ya Davida, a okamele mmuso wa hae, a o tsitsise, a o tshehetse ka toka le ka ho loka kamehla le mehla. Tjheseho ya Morena mabotho e tla phethahatsa hona.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua ka Moabe, o re: “Ho madimabe Nebo, hobane e ripitlilwe, Kiriataime ba e tlontlolotse, ba e hapile, qhobosheane ba e tlontlolla, ba e thuaka.


“Baphaphathehi ba eme moriting wa Heshebone, ba eme teng ba qetilwe ke mokgathala, hobane mollo o hoteditswe wa hotetswa ka Heshebone, malakabe a laima a etswa tlung ya Sihone, a laima a tjhesa lehae la Bamoabe, a fedisa tlotla ya baikgantshi.


Lejwe la mantla le tla tswa ho Juda, thakgisa ya tente e tswe ho yena, seqha sa ntwa le sona se tswe ho yena, le babusi bohle ba tla tswa ho yena.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


O madimabe hakaakang, wena Moabe! Le timetse lona, tjhaba sa Kemoshe! O tlohetse bara ba hae ho ba baphaphathehi, baradi ba hae ho ba batshwaruwa, batshwaruwa ba Sihone, kgosi ya Baamore.


ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya nang le tsebo ya Ya Hodimodimo; ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona.


Ka mohau o moholo wa Modimo wa rona, mafube a tswang hodimo a tla re etela,


Empa ka Mora ho itswe: “Terone ya hao Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso, ke lere la toka.


Efela ho tsejwa hantle hore Morena wa rona o tswile lelokong la Juda, leo Moshe a sa kang a bolela letho ka lona, ha a bua ka tsa boprista.


Re bile re na le lentswe la baporofeta, le tshepahalang haholo, leo e ka bang hantle hore le le ele hloko, hobane le jwaloka lebone le kganyang lefifing, ho fihlela mesong ya Letsatsi lela, mohla Mphatlalatsane e tjhabelang dipelong tsa lona.


Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.


Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


“Nna Jesu, ke le rometse lengeloi la ka ho tla paka tsena dikerekeng. Nna ke lehlomela le setloholo sa Davida; ke naledi ya meso e kganyang.”


Yaba Saule o re: “Atamelang mona, lona baetapele bohle ba setjhaba, e le hore le tlo batlisisa, mme le be le fumane ka letsatsi lena, hore na sebe sena se bile hokae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos