Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:18 - BIBELE

18 O tla hapa Edomo, a e rue, Seire, sera sa hae, le yona o tla e rua. Iseraele o tla nne a matlafale,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Edomo ke leruo la hae; Seire, sera sa hae, o ruuwa ke yena, mme Iseraele o hlahisa bonatla ba hae;

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:18
15 Referencias Cruzadas  

Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”


O tla phela ka sabole ya hao, mme o tla sebeletsa moena hao, empa ha nako ya ho itokolla e fihla, o tla monyola molala wa hao jokong ya hae.”


Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.


A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.


Morena a hlahisetsa Solomone sera se mo lwantshang, e leng Hadade wa Moedomo, wa lelapa la kgosi ya Edomo.


Hoba Davida a hlole Baedomo, Joabe, molaodi wa lebotho, a nyoloha ho ya epela babolauwa. Joabe o ne a ile a bolaya banna bohle ba ahileng Edomo,


Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”.


Sabole ya Morena e tswa lehodimong, bonang ke eo e theoha ho ahlola Edomo, tjhaba seo a rerileng ho se timetsa.


Eo ya tswang Edomo ekaba ke mang, ya tswang Bosera aparo tsa hae di le kgubedu? Eo ya apereng tse ntlentle ekaba ke mang, ya hwantang ka bonatla bo boholo ba hae? “Ke nna ya buang ka tsa ho loka, ke nna ya nang le matla, matla a ho pholosa!”


“Mohlang oo ke tla tsosa ntlo ya Davida, ntlo e seng e wele. Dikgeo tsa marako a yona ke tla di thiba, dithako tsa yona le tsona ke di tsose, ke e hahe, e ntjhafale sa mohla monene;


e le hore ba tle ba rue masalla a Edomo, le baditjhaba bohle ba bitswang ka lebitso la ka,” ho rialo Morena, yena ya tla etsa tsena.


“Wena Edomo, ke tla o nyenyefatsa, ke o nyenyefatse hara baditjhaba, ba tle ba o nyope, ba o nyedise.


Edomo a re ho yena: “Le ke ke la feta hara naha ya ka, esere ka le futuhela ka sabole.”


Jakobo o busa dira tsa hae, mme o timetsa masalla a motseng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos