Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”
Mattheu 17:27 - BIBELE Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ka ho re, re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope teng, mme o tshwase hlapi e tla phahama pele; etlare ha o e ahlamisa molomo, o tla fumana tjhelete ya setatera teng; o e nke, o ba nee yona, e lefelle nna le wena. Baasraak Sotho NT Leha ho le jwalo, e le hore re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele sehape, mme o nke hlapi e tla fihla pele; mme etlare hobane o ahlamisitse molomo wa yona, o tla fumana sekoto sa tjhelete; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le jwalo, e le hore re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele sehape, mme o nke hlapi e tla fihla pele; mme etlare hobane o ahlamisitse molomo wa yona, o tla fumana sekoto sa tjhelete; |
Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”
Yaba Morena o laela leruarua ho metsa Jonase. Jonase a ba ka mpeng ya leruarua leo ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.
“Mang kapa mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.
“Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, le pome, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane kapa kotwane ho ena le ho lahlelwa mollong o sa timeng o ena le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi.
Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng,
mme haeba letsoho la hao le letona le o dihela sebeng, le pome, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o ye diheleng.”
“Mang le mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, mme a lahlelwa lewatleng.
Haeba letsoho la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane, ho ena le ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi,
Ho ka ba molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, a dihelwa lewatleng, ho ena le hore a dihele e mong wa ba banyenyane bana sebeng.
Empa Jesu, ka ho tseba hore barutuwa ba hae ba dumaduma ka taba ena, a re ho bona: “Na hoo ho a le kgopisa?
Ho molemo ho se je nama, kapa ho se nwe veine, kapa ho se etse letho le leng le ka kgelosang ngwaneno.
Ka baka leo, haeba dijo di dihela ngwaneso sebeng, nke ke ka ja nama le ka mohla, hore ke se ke ka dihela ngwaneso sebeng.
Leha ho le jwalo, le hlokomele esere bolokolohi ba lona ba dihela ba tumelo e fokolang sebeng.
Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.
Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?