Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:8 - BIBELE

8 “Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, le pome, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane kapa kotwane ho ena le ho lahlelwa mollong o sa timeng o ena le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa letsoho la hao, kapa leoto, ha le o dihela, o le pome, o le lahlele hole le wena; hobane ho molemo ho wena ho kena bophelong leha o le tsohane, kapa o le sehlotsa, ho ena le ho lahlelwa mollong o sa feleng, o ena le maoto a mabedi, kapa matsoho a mabedi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Ha ho le jwalo, ha letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, o di kgaole, o di lahle hole le wena;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ha ho le jwalo, ha letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, o di kgaole, o di lahle hole le wena;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:8
22 Referencias Cruzadas  

Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”


Baetsadibe ba Sione ba tshwerwe ke tshabo, ba kgopo bona ba a thothomela: “Ke mang ho rona ya ka phelang mollong o timetsang? Ke mang ho rona ya ka phelang malakabeng a kamehla yohle?”


Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”


“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,


“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.”


Yena a howa, a re: ‘Ntate Aborahama, ako nkutlwele bohloko! Roma Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a phodise leleme la ka, hobane mollo ona o tjhesa habohloko!’


Bosiu bo se bo tla sa, letsatsi le haufi le ho tjhaba. Ka hona a re lahleng mesebetsi ya lefifi, re apare dihlomo tsa lesedi.


le yena o tla nwa jwala bo qhatseditsweng senwelong sa kgalefo ya Modimo bo sa hlapollwa, e leng jwala ba bohale ba Modimo, mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole, kapele ho mangeloi a halalelang, le kapele ho Konyana.


Mang le mang eo lebitso la hae le sa fumanwang bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos