Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:7 - BIBELE

7 Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso. Dikgopiso di tlameha ho hlaha, empa ho madimabe motho eo dikgopiso di hlahang ka yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso; hobane dikgopiso di tshwanetse ho ba teng; ho mpa ho madimabe motho eo kgopiso e hlahang ka yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso! gonne dikgopiso di tshwanetse go tla; empa ho madimabe motho eo kgopiso e tlang ka yena!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso! gonne dikgopiso di tshwanetse go tla; empa ho madimabe motho eo kgopiso e tlang ka yena!

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:7
30 Referencias Cruzadas  

Diqabang tsa hlaha pakeng tsa badisana ba Aborame le ba Lota. Nakong eo Bakanana le Baperise ba ne ba ahile naheng eo.


Leha ho le jwalo, ka lebaka la hobane o nyedisitse Morena ka ho etsa ntho ena, ngwana enwa eo o tla mo tswallwa, yena o tla shwa.”


Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”


Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”


Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.


Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Hase ho ka etsahalang hore meleko e se ke ya eba teng, empa ho madimabe eo e tlang ka yena.


Ha ke ne ke sa na le bona, ke ba bolokile ka lebitso la hao leo o nneileng lona, ka ba sireletsa, mme ha ho a timela le ya mong wa bona, haese ya loketseng ho timela, hore Mangolo a tle a phethahale.


“Banna ba heso, e ne eka kgona ho phethahale Mangolo a neng a bolelwe e sa le pele ke Moya o Halalelang, ka molomo wa Davida, ha a ne a bua ka Judase ya neng a etelle pele ba neng ba tshware Jesu.


E, eka kgona dikarohano di be teng hara lona, e le hore bao e leng ba nnete ba tle ba bonahale.


Bohle ba leng tlasa joko ya bokgoba ba ke ba nke beng ba bona e le ba lokelwang ke hlompho yohle, esere lebitso la Modimo le thuto ya hae tsa nyefolwa.


le ho ba le boitlhompho le bohlweki, le ho hlokomela malapa a bona, le ho ba mosa, le ho ikokobeletsa banna ba bona, esere lentswe la Modimo la nyefolwa.


O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.


Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.


Sebe sa bahlankana bana se ne se le seholo haholo mahlong a Morena, hobane bara bao ba Eli ba ne ba hlompholla dinyehelo tsa Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos