Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:6 - BIBELE

6 “Mang kapa mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa e mong le e mong ya kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala le leholo molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Empa ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore lelwala le fanyehe molaleng wa hae, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore lelwala le fanyehe molaleng wa hae, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:6
16 Referencias Cruzadas  

“Le se ke la ama batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.”


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka.


Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


Ka mokgwa o jwalo, Ntata lona ya mahodimong ha a rate hore ho timele le ya mong wa ba banyenyane bana.”


Mang kapa mang ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela.”


“Mang le mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, mme a lahlelwa lewatleng.


A botsa, a re: “O mang, Morena?” Lentswe la re: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang,


Ho molemo ho se je nama, kapa ho se nwe veine, kapa ho se etse letho le leng le ka kgelosang ngwaneno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos