Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:28 - BIBELE

28 Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:28
28 Referencias Cruzadas  

Modimo a di hlohonolofatsa, a re: “Atang, le ngatafale, le tlale mawatleng; le dinonyana di ngatafale lefatsheng.”


Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”


Ha e le tabeng ya Ishemaele, ke o mametse: bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo fe bana ba bangata, ke ba atise haholo. O tla tswala mahosana a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”


Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”


Yare ha Esau a phahamisa mahlo, mme a bona basadi le bana, a re: “Ke bo-mang baa ba nang le wena?” Jakobo a re: “Ke bana bao Modimo a ba fileng mohlanka wa hao ka mohau.”


Modimo wa ntatao a ke a o thuse, yena Ya Matla wohle a ke a o hlohonolofatse, ka mahlohonolo a tswang hodimo, lehodimong, ka mahlohonolo a tswang madibeng katlasa lefatshe, ka mahlohonolo a ho tswala le ho nyantsha.


a bopa e motona le e motshehadi, a ba hlohonolofatsa, mme a ba bitsa “motho”, mohla a ba hlolang.


Ha batho ba qala ho ata lefatsheng, mme ba tswala baradi,


Tswa le dibopuwa tsohle tse phelang: dinonyana, le diphoofolo, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, di tle di tswale haholo, di ate, di ngatafale lefatsheng.”


Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.


“Jwale lona atang, le ngatafale; anafalang le tlale lefatshe.”


wa botshelela e le Amiele, wa bosupa e le Isakare, wa borobedi e le Peuletai, ho ya kamoo Modimo a neng a hlohonolofaditse Obede-Edomo kateng.


Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.


Na o ka e tshepa ka baka la matla a yona? Wa e tshepela ho phetha mesebetsi ya hao e boima?


Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete.


A ba hlohonolofatsa, ba ngatafala haholo, a ba atisetsa leruo la diphoofolo.


Mahodimo ke mahodimo a Morena, lefatshe lona o le neile bana ba batho.


Morena o utlwa mafutsana, ha a kgese batho ba hae ba ditlamong.


O mo entse ya katlasana ho mangeloi, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa tlotla, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa hlompho.


O mo neile puso hodima mesebetsi ya diatla tsa hao, wa bea tsohle katlasa maoto a hae:


Morena, Mmopi wa mahodimo, yena Modimo ya bopileng lefatshe, a le etsa, yena ya ileng a le tsitsisa, yena ya sa kang a le bopela lefeela, ya le bopetseng hore ho phelwe ho lona, o bua tjena: “Ke nna Morena, ha ho na e mong.


“ ‘Ke tla le hlompha, ke le atise, ke le ngatafatse, ke be ke tiise selekane sa ka le lona.


Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos