Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:29 - BIBELE

29 Modimo a nto re: “Bonang, ke le file meroho yohle e nang le peo, e teng lefatsheng lohle; le difate tsohle tse behang ditholwana tse nang le peo, hore e be dijo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Modimo wa re: Bonang, ke le neile dimela tsohle tse beang peo, tse kahohle lefatsheng, le sefate se seng le se seng se beang ditholwana tse nang le peo, e be dijo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:29
22 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena Modimo o laela motho, o re: “O ka ja difate tsohle tsa serapa ka bolokolohi,


O bokelle dijo tsohle tse tla jewa, o di kenye ka arekeng, e tle e be dijo tsa hao le tsa diphoofolo.”


Tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona, jwalokaha ke le neile meroho e metala. Tsena tsohle ke le nea tsona.


Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba, ke ka tsona a di fang nala.


O fepa ba mo tshabang; o hopola selekane sa hae kamehla.


Mahodimo ke mahodimo a Morena, lefatshe lona o le neile bana ba batho.


Ke yena ya fepang dibopuwa tsohle; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


o ahlolela ba hateletsweng, o fepa ba lapileng; Morena o lokolla batlamuwa,


O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona, le madinyane a makgwaba ka tseo a di llelang.


Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.


ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi.


O na sa tsebe hore mofani ke nna, mofani wa koro le veine le ole, ya mo fileng silefera le kgauta e ngata, eo ba sebeleditseng Baale ka yona.


O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;


Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”


“Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “ ‘Hobane re bile re bana ba hae.’


Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos