Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:30 - BIBELE

30 Le diphoofolo tsohle tse hlaha, le dinonyana tsohle tse fofang, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, le tsohle tse phelang, ke di file ditlama tsohle tse tala, hore e be dijo tsa tsona.” Ha fela ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Empa ha e le diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le tse rurang tsohle tsa mahodimo, le dihahabi tsohle tsa lefatshe, tse utlwang ke di neile jwang bohle bo botala, e be dijo tsa tsona. Mme ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:30
11 Referencias Cruzadas  

O bokelle dijo tsohle tse tla jewa, o di kenye ka arekeng, e tle e be dijo tsa hao le tsa diphoofolo.”


Tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona, jwalokaha ke le neile meroho e metala. Tsena tsohle ke le nea tsona.


Madinyane a yona a phela ka ho nwa madi, kamehla yona e fumanwa hara dififi.”


Manamane a tsona a holela naheng, ha a sa shahlile ebe a lahla mohlape.


E alohela thabeng ho ya tsoma lekgulo, e nyakurele kahohle ho batla ho hotalana.


“Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo.


Dijo tsa yona di theoha dithabeng, moo phoofolo tsa naha di bapallang teng.


O medisetsa diphoofolo jwang, o di medisetsa le dimela hore di sebediswe ke motho, a tle a fumane dijo tsa hae mobung,


O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona, le madinyane a makgwaba ka tseo a di llelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos