Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 1:31 - BIBELE

31 Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Modimo wa bona tsohle tseo o di entseng hoba di molemo haholo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la botshelela.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:31
21 Referencias Cruzadas  

Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la boraro.


Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bone.


Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bohlano.


Modimo a re lesedi ke “motsheare” mme a re lefifi ke “bosiu”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la pele.


Modimo a re loapi ke “lehodimo”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bobedi.


Ka letsatsi la bosupa Modimo a phetha mosebetsi wa hae, oo a o entseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng.


Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.


mohla bo-Mphatlalatsane ba binang ba le mmoho, mangeloi wohle a howa ka thabo?


Morena, mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Tsohle o di entse ka bohlale, lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao!


Ha o di fa dijo, di a di bokella; ha o fuparolla seatla, di kgora tse molemo.


Tlotla ya Morena e nne e be teng, e be teng kamehla yohle, Morena a ke a thabele mesebetsi ya hae;


Wena o molemo, o etsa tse molemo; ako nthute thato ya hao.


Ka matsatsi a tsheletseng Morena o ile a etsa lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena Morena o ile a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha, a le halaletsa.


Ke sesupo sa mehla yohle pakeng tsa ka le bana ba Iseraele, hobane Morena o ile a etsa lehodimo le lefatshe ka matsatsi a tsheletseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola, a ka a re kgefu!’ ”


Tsohle Morena o di entse ka morero wa hae, le ya kgopo tsatsi la ditlokotsi le mo emetse.


O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.


Na tse bohloko le tsona tse monate ha di tswe ho Ya Hodimodimo?


“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.


Tsohle tseo Modimo a di hlodileng di ntle, mme ha ho letho la tsona le tshwanetseng ho lahlwa, empa eka kgona tsohle di amohelwe ka teboho,


hobane di halaletswa ka lentswe la Modimo le ka thapelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos