Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:29 - BIBELE

29 Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela, o le honye, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:29
22 Referencias Cruzadas  

a sa ikutlwe ho ka kgaohana le bona, a bo moma, a bo boloka ka hanong la hae;


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


Ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ka baka la ka!”


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”


hobane ho na le ba tswetsweng e le mahaole; ho na le mahaole a entsweng mahaole ke batho, mme ho na le ba ikentseng mahaole ka baka la Mmuso wa mahodimo. Ya ka amohelang hona, a ke a ho amohele.”


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le tjhalaka le mawatle le lefatshe ho sokolla motho a le mong, mme ha a sokoloha le mo etsa ngwana wa dihele ho feta lona habedi.


“Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang?


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.


mme haeba letsoho la hao le letona le o dihela sebeng, le pome, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o ye diheleng.”


Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?


Empa ke tla le lemosa eo le ka mo tshabang: Tshabang ya nang le matla a ho lahlela diheleng, ha a se a bolaile! E, ke a le bolella, mo tshabeng!


Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe,


Ha le phela ka ho ya ka botho, le tla shwa, empa haeba le bolaya diketso tsa botho ka Moya, le tla phela.


Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.


Jwale bao e leng ba Kreste ba thakgisitse dithato le ditakatso tsa bona tsa botho.


Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos