Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 6:3 - BIBELE

3 Hore mosebetsi wa rona o se ke wa nyediswa, ha re ke be re kgopise motho ka letho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha re dihele batho le ka nthwana e nyenyane, tshebeletso ya rona e tle e se ke ya nyatsuwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ha re kgopise letho ka letho, tshebeletso e tle e se ke ya nyatsuwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ha re kgopise letho ka letho, tshebeletso e tle e se ke ya nyatsuwa.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 6:3
11 Referencias Cruzadas  

Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”


“Mang kapa mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.


Hase kgwebo ena ya rona feela e kotsing ya ho nyediseha, empa le yona tempele ya mofumahadi Aretemise, modimo o moholo, e lekgatheng la ho tadingwa e le lefeela, le boholo ba hae bo nyenyefatswe, yena eo naha yohle ya Asia le lefatshe lohle le mo hlomphang.”


Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.


Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.


Ho ba fokolang ke bile jwaloka ya fokolang, hore ke tle ke hape ba fokolang. Ke bile tsohle ho bohle, hore bonyane ke tle ke pholose ba bang.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Re ntse re leka ho phema hore ho se be ya ka nyatsang tshebediso ya rona ya dithusohadi tsena,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos