Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha re dihele batho le ka nthwana e nyenyane, tshebeletso ya rona e tle e se ke ya nyatsuwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Hore mosebetsi wa rona o se ke wa nyediswa, ha re ke be re kgopise motho ka letho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ha re kgopise letho ka letho, tshebeletso e tle e se ke ya nyatsuwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ha re kgopise letho ka letho, tshebeletso e tle e se ke ya nyatsuwa.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 6:3
11 Referencias Cruzadas  

Empa ka ho re, re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope teng, mme o tshwase hlapi e tla phahama pele; etlare ha o e ahlamisa molomo, o tla fumana tjhelete ya setatera teng; o e nke, o ba nee yona, e lefelle nna le wena.


Empa e mong le e mong ya kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala le leholo molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.


Kotsi ya taba eo, hase feela hore mosebetsi wa rona o tla nyediseha; empa le yona tempele ya mofumahadi Diana, modimo o moholo, e tla etswa lefeela; mme yena ka sebele ya hlomphuwang ke Asia kaofela le lefatshe lohle o tla timellwa ke kganya ya hae.


A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona.


Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.


ho ba fokolang, ke ikentse ya fokolang, ho rua ba fokolang; ke ikentse ntho tsohle ho bohle, hore ke mpe ke pholose ba bang.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Re ipabaletse, esere mohlomong ra nyatsuwa tabeng ya dithuso tseo tse ngata, tseo re di disang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos