Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona.
Mattheu 17:18 - BIBELE Jesu a mo kgalemela, mme modemona wa tswa ho yena, moshanyana a fola ka yona nako eo. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme Jesu a kgalemela motemona haholo; motemona a tswa ngwaneng eo, mme ngwana a fola ka yona nako eo. Baasraak Sotho NT Mme Jesu a kgalemela Diabolosi; a tloha ho yena, mme ngwana a fola ho tloha ka yona nako eo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme Jesu a kgalemela Diabolosi; a tloha ho yena, mme ngwana a fola ho tloha ka yona nako eo. |
Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona.
Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.
Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!”
Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ka lekunutu, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho leleka modemona?”
Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.
A fodisa ba bangata ba neng ba jewa ke mafu a mefutafuta, a leleka bademona ba bangata, empa a se ke a dumella bademona ho bua, hobane ba ne ba tseba hore na ke mang.
Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.
Ke hobane Jesu o ne a ile a laela moya o ditshila ho tswa monneng eo. O ne o ye o mo hlasele hangata, a tlangwe ka mahlaahlela le diketane, a lebelwe, empa a kgaole ditlamo tseo, a susumeletswe feelleng ke modemona.
A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae.
La etsa hona ka matsatsi a mangata. Empa Paulosi ha a se a tenehile, a reteleha, a re ho moya oo: “Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena!” Wa tswa ka yona nako eo.