Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:22 - BIBELE

22 Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Jesu a reteleha, a mo tadima, a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse. Mme nakong yona eo, mosadi a fola.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: Beta pelo, moradi; tumelo ya hao e o fodisitse. Mme mosadi a fola ho tloha ka nako eo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: Beta pelo, moradi; tumelo ya hao e o fodisitse. Mme mosadi a fola ho tloha ka nako eo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:22
15 Referencias Cruzadas  

Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.


Jesu a mo kgalemela, mme modemona wa tswa ho yena, moshanyana a fola ka yona nako eo.


Yaba Jesu o re ho molaodi wa lebotho: “Eya, o etsetswe jwalokaha o dumetse!” Mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo.


Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”


Yaba o ama mahlo a tsona, o re: “Le etsetswe ho ya ka tumelo ya lona!”


Jesu a re ho sona: “Eya, tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang Baretimea a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.


Yaba o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, bohloko ba hao bo fole.”


Yaba o re ho yena: “Ema, o ikele; tumelo ya hao e o fodisitse.”


Jesu a re ho sona: “Boela o bone! Tumelo ya hao e o fodisitse.”


Empa a re ho mosadi: “Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso!”


Yaba Jesu o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; eya ka kgotso!”


Jwale ntata ngwana a tseba hore ke ka yona nako eo Jesu a itseng ho yena: “Mora wa hao o phetse,” mme a dumela, le ba ntlo ya hae kaofela.


Monna enwa a mamela Paulosi ha a bua. Ha Paulosi a mo tadima, mme a bona hore o na le tumelo ya hore a ka fodiswa,


La etsa hona ka matsatsi a mangata. Empa Paulosi ha a se a tenehile, a reteleha, a re ho moya oo: “Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena!” Wa tswa ka yona nako eo.


Re boleletswe molaetsa o molemo jwaloka bona, empa lentswe leo ba le rutilweng ha le a ba tswela molemo, hobane ba le utlwileng ha le a ka la ba lomosa tumelong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos