Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 15:28 - BIBELE

28 Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; Mme moradi wa hae a fola ho tloha ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; Mme moradi wa hae a fola ho tloha ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 15:28
21 Referencias Cruzadas  

Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane.


Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta.


O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa.


Leha a tlisa maswabi, o utlwela bohloko, ka baka la boholo ba mehauhelo ya hae.


Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?”


Mosadi a re: “Ke nnete, Morena, empa le tsona dintja di ja makumane a wang tafoleng ya monga tsona.”


Ha Jesu a mo utlwa a makala, a re ho ba mo latetseng: “Ruri ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.


Yaba Jesu o re ho molaodi wa lebotho: “Eya, o etsetswe jwalokaha o dumetse!” Mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo.


Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.


Yaba o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, bohloko ba hao bo fole.”


Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.”


Empa a re ho mosadi: “Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso!”


Ha Jesu a utlwa tsena, a mo makalla, mme a retelehela ho letshwele le mo latetseng, a re: “Ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.”


Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos