Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 17:18 - Baasraak Sotho NT

18 Mme Jesu a kgalemela Diabolosi; a tloha ho yena, mme ngwana a fola ho tloha ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme Jesu a kgalemela motemona haholo; motemona a tswa ngwaneng eo, mme ngwana a fola ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Jesu a mo kgalemela, mme modemona wa tswa ho yena, moshanyana a fola ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Mme Jesu a kgalemela Diabolosi; a tloha ho yena, mme ngwana a fola ho tloha ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 17:18
15 Referencias Cruzadas  

Jwale ha tliswa ho yena motho ya nang le modemona, e le sefofu, le semumu;


Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; Mme moradi wa hae a fola ho tloha ka yona nako eo.


Jesu a araba a re: “Oho moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise kwano ho nna.


Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ba le bang, ba re: “Ke hobaneng ha rona re sitilwe ho leleka motemona eo?


Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: Beta pelo, moradi; tumelo ya hao e o fodisitse. Mme mosadi a fola ho tloha ka nako eo.


A fodisa ba bangata ba kulang malwetse a mefutafuta, a leleka batemona ba bangata; mme a se ke a dumella batemona ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba.


Hobane o itse ho yena: Tswa mothong eo, moya o ditshila.


Le bona batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: O Mora wa Modimo. Mme a di kgalemela, a se ke a di dumella ho bua, kahobane di ne di tseba hobane ke Kreste.


(Hobane o ne a laetse moya o ditshila hore o tswe ho motho eo, hobane o ne o mo tshwara hangata, mme a tshwarwa a tlamilwe ka mahlaahlela le ka mahlaahlela, a kgaola marapo, a lelekelelwa lefeelleng ke Diabolose.)


Eitse ha a sa tla, modemona a mo akgela fatshe, a mo hahola. Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, a mo busetsa ho ntatae.


A etsa joalo ka matsatsi a mangata. Empa Pauluse a swaba, a reteleha, a re ho moya oo: Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena. Mme a tswa ka yona nako eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos