Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:29 - BIBELE

29 Ke hobane Jesu o ne a ile a laela moya o ditshila ho tswa monneng eo. O ne o ye o mo hlasele hangata, a tlangwe ka mahlaahlela le diketane, a lebelwe, empa a kgaole ditlamo tseo, a susumeletswe feelleng ke modemona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 A rialo kahobane Jesu a ne a laela moya o ditshila ho tswa mothong eo. Hobane e ne e se e le kgale o mo tshwere; mme o ne a kile a holehuwa ka mahlaahlela, a tlangwa maoto ka ditshepe; empa o ne a robile ditlamo tseo, a susumeletswa feelleng ke motemona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 (Hobane o ne a laetse moya o ditshila hore o tswe ho motho eo, hobane o ne o mo tshwara hangata, mme a tshwarwa a tlamilwe ka mahlaahlela le ka mahlaahlela, a kgaola marapo, a lelekelelwa lefeelleng ke Diabolose.)

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 (Hobane o ne a laetse moya o ditshila hore o tswe ho motho eo, hobane o ne o mo tshwara hangata, mme a tshwarwa a tlamilwe ka mahlaahlela le ka mahlaahlela, a kgaola marapo, a lelekelelwa lefeelleng ke Diabolose.)

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:29
9 Referencias Cruzadas  

Jesu o ne a itse ho yena: “Tswa mothong eo, wena moya o ditshila!”


Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”


Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?” A re: “Ke Lebotho;” kahobane ho ne ho kene bademona ba bangata ka ho yena.


Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse.


A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos