Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 A rialo kahobane Jesu a ne a laela moya o ditshila ho tswa mothong eo. Hobane e ne e se e le kgale o mo tshwere; mme o ne a kile a holehuwa ka mahlaahlela, a tlangwa maoto ka ditshepe; empa o ne a robile ditlamo tseo, a susumeletswa feelleng ke motemona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Ke hobane Jesu o ne a ile a laela moya o ditshila ho tswa monneng eo. O ne o ye o mo hlasele hangata, a tlangwe ka mahlaahlela le diketane, a lebelwe, empa a kgaole ditlamo tseo, a susumeletswe feelleng ke modemona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 (Hobane o ne a laetse moya o ditshila hore o tswe ho motho eo, hobane o ne o mo tshwara hangata, mme a tshwarwa a tlamilwe ka mahlaahlela le ka mahlaahlela, a kgaola marapo, a lelekelelwa lefeelleng ke Diabolose.)

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 (Hobane o ne a laetse moya o ditshila hore o tswe ho motho eo, hobane o ne o mo tshwara hangata, mme a tshwarwa a tlamilwe ka mahlaahlela le ka mahlaahlela, a kgaola marapo, a lelekelelwa lefeelleng ke Diabolose.)

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:29
9 Referencias Cruzadas  

Hobane Jesu o ne a re ho wona: Tswa mothong eo, moya o ditshila.


Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le leholo: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa.


Jesu a mmotsa, a re: Lebitso la hao o mang? A re: Ke Legione. Hobane batemona ba bangata ba ne ba kene ho yena.


O ka bona, moya o ye o mo tshware; ebe ke ha a se a bokolla; o mo sisinye haholo, o mo ntshise makweba, mme o hane ho mo tlohela, leha o se o mo tepeleditse hampe.


A re a sa tla, motemona a mo idibanya, a ba a mmipetsa; empa Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, mme a mo nea ntatae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos