Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:42 - BIBELE

42 A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 A re a sa tla, motemona a mo idibanya, a ba a mmipetsa; empa Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, mme a mo nea ntatae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

42 Eitse ha a sa tla, modemona a mo akgela fatshe, a mo hahola. Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, a mo busetsa ho ntatae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 Eitse ha a sa tla, modemona a mo akgela fatshe, a mo hahola. Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, a mo busetsa ho ntatae.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:42
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Elia o nka ngwana, o mo theolela ka kamoreng e katlase, o mo nea mmae. Elia a re: “Bona, mora wa hao o a phela!”


Elisha a bitsa Gehasi, a re: “Bitsa mosadi yane wa Moshuneme.” Gehasi a mmitsa. Hoba mosadi eo a kene kamoo Elisha a neng a le kateng, Elisha a re ho yena: “Nka mora wa hao.”


Ba mo tlisa ho yena. Hanghang ha moya o bona Jesu, wa tsukutla ngwana habohloko, mme a wela fatshe a thakginya, a ntse a kgethetsa makweba.


Mofu a dula, a qala ho bua, mme Jesu a mo nea mmae.


Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse.


Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona, ke le mamelle ho fihlela neneng? Tlisa mora wa hao kwano!”


Bohle ba tsota boholo ba Modimo. Yare ha bohle ba makalla tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae:


Ha ba se ba sokile sebaka se ka bang dikilomethara tse nne kapa tse hlano, ba bona Jesu a tsamaya hodima letsha, a atamela sekepe, mme ba tshoha.


Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa; yare hoba a bitse badumedi le bahlolohadi, a mo hlahisa ho bona a phela.


Kahoo thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho madimabe lona lefatshe le lewatle, hobane Diabolosi o theohetse ho lona ka bohale bo boholo, a tseba hore nako ya hae e se e le kgutshwanyane.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos