Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 A re a sa tla, motemona a mo idibanya, a ba a mmipetsa; empa Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, mme a mo nea ntatae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

42 A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

42 Eitse ha a sa tla, modemona a mo akgela fatshe, a mo hahola. Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, a mo busetsa ho ntatae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 Eitse ha a sa tla, modemona a mo akgela fatshe, a mo hahola. Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, a mo busetsa ho ntatae.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:42
12 Referencias Cruzadas  

Ebile Elia o nka ngwana, a mo theosa phaposing e kahodimo a mo isa ka tlung, a mo neela mmae; mme Elia a re: Bona, mora hao o a phela.


Elisha a bitsa Gehasi, a re: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa, mme ha a kena ho yena, Elisha a re: Nka mora wa hao.


Ba mo tlisa ho yena. Yare ha ngwana a bona Jesu, moya wa mo sisinya ka bohale, a wa fatshe, a bidikana, a ntse a ntsha makweba.


Yaba mofu o a dula, a qala ho bua; mme Jesu a mo nea mmae.


O ka bona, moya o ye o mo tshware; ebe ke ha a se a bokolla; o mo sisinye haholo, o mo ntshise makweba, mme o hane ho mo tlohela, leha o se o mo tepeleditse hampe.


Jesu a bua, a re: Wee! moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? ke tla le behela pelo ho le hokae na? Tlisa mora wa hao mona.


Mme bohle ba tsota borena bo matla ba Modimo. Bohle ha ba tsota tsohle tseo Jesu a di etsang, a bolella barutuwa ba hae, a re:


Yare hobane ba sesise sekepana distadia tse ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano, kapa mashome a mararo, ba tshoba ba bona Jesu a tsamaya hodima metsi, a fihla haufi le sekepana; mme ba tshaba.


Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme eitse hobane a bitse bahalaledi le bahlolohadi, a ba nea yena a boetse a phela.


Thabang ke hona, mahodimo, le lona ba ahileng teng. Ho madimabe lona ba ahileng lefatsheng le lewatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos