Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:43 - BIBELE

43 Bohle ba tsota boholo ba Modimo. Yare ha bohle ba makalla tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Mme bohle ba tsota borena bo matla ba Modimo. Bohle ha ba tsota tsohle tseo Jesu a di etsang, a bolella barutuwa ba hae, a re:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

43 Bohle ba hlollwa ke matla a Modimo a maholo. Eitse ha ba ntse ba hlollwa ke tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae:

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

43 Bohle ba hlollwa ke matla a Modimo a maholo. Eitse ha ba ntse ba hlollwa ke tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae:

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:43
14 Referencias Cruzadas  

Ke a o boka, hobane o mpopile ka mokgwa o makatsang; mesebetsi ya hao e a hlolla, hona ke ho tseba hantle.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Leha ka nako eo masalla a setjhaba sena a ka bona e ka hona ke mohlolo, empa ho nna hase mohlolo,” ho rialo Morena wa mabotho.


Ha ba ntse ba tsamaya hammoho Galelea, Jesu a re ho bona: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho,


A kena ho bona ka sekepeng, mme moya wa teba; ba hlollwa ka ho fetisisa,


Hanghang sa boela sa bona, mme sa latela Jesu se ntse se tlotlisa Modimo. Batho bohle, ha ba bona hoo, ba rorisa Modimo.


Bohle ba hlollwa, mme ba buisana, ba re: “Taelo ee ke e jwang, hore ebe o laela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e tswe?”


Yaba bohle ba a hlollwa, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: “Kajeno re bone dimakatso.”


A rialo hobane yena le bohle bao a nang le bona ba hloletswe ka baka la tshwaso ya ditlhapi tseo ba di tshwasitseng.


Yaba o re ho bona: “Tumelo ya lona e ho kae?” Ba tshoha, ba hlollwa, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya laelang le meya le metsi, mme di mo mamele?”


A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae.


Ha re le tsebisa tsa matla a Morena wa rona Jesu Kreste le tsa ho tla ha hae, re ne re sa bue ka ditshomo tse qapilweng ka bohlale, empa re ne re bua re le dipaki tse boneng botlotlehi ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos