Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.
Mattheu 13:22 - BIBELE Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope. Baasraak Sotho NT Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng. |
Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.
Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.
Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea!
Ho banna ba Juda le ba Jerusalema, Morena o re: “Ikgatheleng dithite tsa lona, le se ke la jala hara meutlwa;
Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.”
Sera se o jetseng ke Diabolosi. Kotulo ke bofelo ba mehla ya jwale; bakotudi ke mangeloi.
“Jwalokaha mofoka o ye o fotholwe, o tjheswe mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale.
A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”
“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,
E wetseng meutlweng, ke ba utlwang, mme kgabareng ba bipetswe ke dikgathatso, maruo le menyaka ya bophelo, mme ha ba fihle ho butsweng.
Ha Simone a bona hore Moya o Halalelang o newa ka peo ya matsoho a baapostola, a ba tlisetsa tjhelete,
Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.
Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?
Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang.
Ke boo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena ya kileng a bo tseba hobane, hojane ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa tlotla.
Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.
e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.
Kreste o itetse ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona.
tseo le neng le phela ho tsona pele, ho ya ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka mmusi ya renang sebakeng, e leng moya o sebetsang jwale bathong ba sa mameleng.
Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.
hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia.