Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:14 - BIBELE

14 E wetseng meutlweng, ke ba utlwang, mme kgabareng ba bipetswe ke dikgathatso, maruo le menyaka ya bophelo, mme ha ba fihle ho butsweng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 E oeleng hara meutlwa, ke bao ereng ha ba utlwile, ba ye, mme ba bipetswe ke matshwenyeho le maruo le menyaka ya bophelo bona, mme ba bipetswe, mme ba sa be le phetheho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 E oeleng hara meutlwa, ke bao ereng ha ba utlwile, ba ye, mme ba bipetswe ke matshwenyeho le maruo le menyaka ya bophelo bona, mme ba bipetswe, mme ba sa be le phetheho.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:14
17 Referencias Cruzadas  

Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.


empa dikgathatso tsa mehla ya jwale, le thetso ya maruo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di ye di tle di bipetse lentswe, le nyope.


“Ha ho mohlanka ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


E mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo, empa ba se na motso; ba dumela ka nakwana, ere nakong ya moleko, ba kwenehe.


Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.”


E nngwe ya wela hara meutlwa, mme hoba di hole mmoho, meutlwa ya e bipetsa.


Ha motho a sa dule ka ho nna, o lahlelwa kantle jwaloka lekala, mme a omelle. Makala a a bokellwa, a lahlelwe mollong, a tjhe.


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia.


Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos