Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 2:8 - BIBELE

8 Ke boo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena ya kileng a bo tseba hobane, hojane ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa tlotla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Seo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena a se tsebang; hobane hojane ba se tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa kganya.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Seo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena a se tsebang; hobane hojane ba se tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa kganya.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 2:8
22 Referencias Cruzadas  

Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.


Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.


Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna.


Na o teng ho babusi kapa ho Bafarisi ya dumetseng ho yena?


Jwale ba re ho yena: “Ntatao o kae?” Jesu a araba, a re: “Ha le ntsebe, le Ntate ha le mo tsebe; hoja le ne le ntseba, le Ntate le ka be le mo tseba.”


hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola.


Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;


Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?


Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang.


Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela.


Ke kopa Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya tlotlehang, hore a ke a le fe moya wa bohlale o le senolelang yena, le tle le mo tsebe.


Dikelello tsa bona di fifetse, ba fapohile bophelo ba Modimo, ka baka la bothoto ba bona, le ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.


leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.


Bana beso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa rona ya tlotlehang, le se ke la e kopanya le leeme.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos