Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:23 - BIBELE

23 Peo e jetsweng mobung o motle ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisise. Enwa ke yena ya behang tse lekgolo, kapa tse mashome a tsheletseng, kapa tse mashome a mararo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Empa ya jetsweng mobung o motle, ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisisa; se le sona se behang, se beha, se seng ha lekgolo, se seng mashome a tsheletseng, se seng sa mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Empa ya jetsweng mobung o motle, ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisisa; se le sona se behang, se beha, se seng ha lekgolo, se seng mashome a tsheletseng, se seng sa mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:23
43 Referencias Cruzadas  

Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng.


“Haeba sefate se le monate, le ditholwana tsa sona di monate, empa haeba sefate se le sebe, le ditholwana sa sona di mpe, hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.


Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, mme ya beha: E nngwe tse lekgolo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse mashome a mararo.


Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate sefe kapa sefe se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.


Bontshang ka diketso hore le bakile,


Kannete ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”


“Peo e jetsweng mobung o motle ke ba utlwang lentswe, ba le amohele, mme ba behe, ba bang tse mashome a mararo, ba bang tse mashome a tsheletseng, ba bang tse lekgolo.”


mohlomong se tla beha ditholwana nakong e tlang, empa ha ho se jwalo, o tla se rema.’ ”


Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.”


E nngwe ya wela mobung a motle, ya mela, ya beha tse lekgolo.” Hoba a rialo a howa, a re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.


Ya tswang ho Modimo o utlwa dipolelo tsa Modimo; ke ka baka lena le sa utlweng, hobane ha le tswe ho Modimo.”


Mosadi e mong wa motse wa Thiatira, ya bitswang Lidia, ya rekisang masela a perese, ya tshabang Modimo, a mamela, mme Morena a bula pelo ya hae hore a ele hloko tse bolelwang ke Paulosi.


Bao ba ne ba ena le maikutlo a matle ho feta ba Thesalonika, ba amohela lentswe la Modimo ka thahasello yohle, ba fuputsa Mangolong ka letsatsi le leng le le leng ho bona hore na ditaba tseo di jwalo.


Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.


le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo.


Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana.


Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo.


o le fihletseng. Molaetsa oo o namela lefatsheng lohle, mme o beha ditholwana. O entse jwalo le ho lona, ho tloha mohla le neng le utlwa tsa mohau wa Modimo, mme la fela la utlwisisa seo o leng sona.


Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta.


O tla sebedisa mefuta yohle ya dithetso tsa bokgopo ho ba yang timelong, kahobane ha ba a ka ba dumela ho rata nnete e neng e tla ba pholosa.


Re boleletswe molaetsa o molemo jwaloka bona, empa lentswe leo ba le rutilweng ha le a ba tswela molemo, hobane ba le utlwileng ha le a ka la ba lomosa tumelong.


Tshimo e montseng pula e atisang ho e nela, e medisetsang ba e lemang tse molemo, e hlohonolofatswa ke Modimo.


Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo!


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos