Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:22
42 Referencias Cruzadas  

Ke eo motho ya sa kang a inkela Modimo ho mo etsa qhobosheane ya hae, ya neng a itshepisa ka maruo a hae a maholo, ya neng a ipea matla ka bolotsana ba hae!


Le se ke la tshepa botubo, le se ke la bea tshepo ya lona tlatlapong. Ha le atelwa ke maruo, le se ke la bea dipelo tsa lona ho wona.


Ya itshepisang maruo a hae o tla wa, empa ya lokileng o tla hola jwaloka lekala le mahlaku.


O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.


Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.


Hobane ho itswe ke Jehova ho batho ba Juda le ho ba Jerusalema: Kgathang thite ya lona, le se ke la jala meutlweng.


Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.


sera se o jadileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatshe; bakotudi bona ke mangeloi.


Jwaloka mofoka ha o kguwa, o tjheswa mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe lena.


Tse ding tsa wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya di pupetsa.


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


Ya ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Modimo, o jwalo.


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.


Yare ha Simone a bona hobane Moya o Halalelang o newa ka peo ya matsoho a baapostola, a ba beela ditjhelete, a re:


Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.


Ya bohlale o kae na? Ya matla Mangolong o kae na? Mopheakgang wa mehla ena o kae na? Na Modimo ha o a ka wa etsa bohlale ba lefatshe lena bohlanya na?


Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatshe lena, le ba marena a lefatshe lena a felang;


e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.


Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


ya iteletseng dibe tsa rona, a tle a re namolele lefatsheng la jwale le lebe, ka ho rata ha Modimo, Ntata rona.


tseo kgale le neng le itsamaela ho tsona ka mokgwa wa lefatshe lena, ha le ne le sa buswa ke morena ya busang matla a sebaka, e leng moya o sebetsang jwale baneng ba ho se dumele.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos