Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:3 - BIBELE

3 Ho banna ba Juda le ba Jerusalema, Morena o re: “Ikgatheleng dithite tsa lona, le se ke la jala hara meutlwa;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane ho itswe ke Jehova ho batho ba Juda le ho ba Jerusalema: Kgathang thite ya lona, le se ke la jala meutlweng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:3
10 Referencias Cruzadas  

Mobu oo o tla o medisetsa meutlwa, o o medisetse le tshehlo, o je meroho ya naha.


Ka selemo sa bosupa o tla e tlohela e lale, bafumanehi ba setjhaba sa heno ba tle ba je; tseo ba di siileng di tle di jewe ke diphoofolo tsa naha. O tla etsa jwalo ka serapa sa hao sa morara, le ka serapa sa hao sa mehlwaare.


Motho ka mong a kgathe thite ya hae, a itjalle ho loka ho tswalang lerato, a kotule molemo o tswalwang ke botshepehi. Nako e fihlile ya ho batla Morena, ya ho mmatla ho fihlela a etla, a le nesetsa pula ya mahlohonolo.


Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.


E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya e bipetsa.


E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya e bipetsa, ya se ke ya beha.


E wetseng meutlweng, ke ba utlwang, mme kgabareng ba bipetswe ke dikgathatso, maruo le menyaka ya bophelo, mme ha ba fihle ho butsweng.


E nngwe ya wela hara meutlwa, mme hoba di hole mmoho, meutlwa ya e bipetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos